24/06/2026
'𝗠𝗨𝗦𝗢 𝗛𝗔 𝗢 𝗧𝗟𝗢 𝗘𝗧𝗦𝗔 𝗟𝗘𝗧𝗛𝗢 𝗞𝗔 𝗕𝗔𝗦𝗢𝗧𝗛𝗢 𝗕𝗔 𝗥𝗦𝗔 - 𝗟𝗘𝗧𝗢𝗡𝗔
24.6.2026
Ho lane la Afrika Boroa ho bonahala ho se na botsitso matsatsing ana ka lebaka la mehoanto e mengata ea Ma-Afrika Boroa a tsekang h**e melata e khutlele linaheng tsa bo-eona.
Ke hona mehoantong ena moo melata e hlokofatsoang, e khakhathuoa hoo ebileng ho seng ho na le bafu.
Bekeng ea ho feta Phakelumthakathi, e leng e mong oa baetapele ba mehoanto ena o ile a bolella Basotho ba Lesotho h**e le bona ha se mekhelo litabeng tsena, 'me ba khutlele hae.
Kajeno letona la litaba tsa machabeng, Mohlomphehi Limpho Tau o tsoile puo a le 'mokeng oa baphatlalatsi h**e 'muso oa Lesotho ha o tlo etsa letho ho romela libese ho lata Basotho, kaha ha o e-s'o bone tlhokahalo e joalo.
"Ehlile 'muso oa Lesotho hona joale ha ho e-s'o be le tlhokeho e hlahisoang ke Basotho, e hlahisoang marang-rang, 'muso oa Lesotho o ke ke oa etsa letho.
"U lokela u joetse ntlo ea boemeli h**e ke rona bana, re utloa matsoalo a rona a sa re lumelle re teng mona. 'Muso oa Lesotho o ke ke oa lahla Basotho. " O li beha joalo letona Tau a bontša h**e eena e letona la machabeng o buile le oa mphato'ae letona la machabeng Afrika Boroa, Ronald Lamola ea mo tšepisitseng h**e Basotho ba tla bolokeha ka la 30 June 2026 empa a re Basotho ba tle ba itlhokomele.